\c 1 \v 1 Mona ke qalo ea efangeli ka Jeso Kreste, Mora oa Molimo. \v 2 Ka mona e ngoliloeng ho Esaea moporofeta, '' Bonang, ke romela seromioa ho lona, le ena atlang lelokesetsang tsila ea lona. \v 3 Lentsoe le halang le feeleng, lokesetsang tsela ea Moren,; lokesa litsila tsa hae lihlamalale.""
\v 4 Johane atla, a kolobetsa lefeeleng a rera ka kolobetso le ka tsoarelo ea libi. \v 5 Lefatse lohle la Judea le bohle ba Jerusalema bafihla ho eena. ba kolobetsoa ke Johane nokeng ea Jorodane, ba epaka libi tsa bona. \v 6 Johane a ne a epere baki ea mokhupha oa kamela ne le banta la mokhupha linokeng, mme ne a e ja litsie le linotsi.
\v 7 A ne a rera, a re,'' Ea tla hlahang morao haka o matlafetsi ho fera nna; ha kena tukelo ea ho ntsa lieta tsa hae. \v 8 Ke kolobetsa ka metsi, empa eena o tla le kolobetsa ka moea o halalelang.''
\v 9 Ho etsahetsi ka nako Jeso atsoa Nazaretha ea Galelea, mme a kolobetsoa ke Johane nokeng ea Jorodane. \v 10 Ha Jeso a tsoa metseng, a bona leholimo lefuleha hape moea ohalalelang oa nyolohela ho eena otsoana leeba. \v 11 Ha tsoa lentsoe leholimong la re, '' O mora oaka ea ratehang, ke ea thakhala ka oena.''
\v 12 Moea oa mokhopeletsa ho ea lefeeleng. \v 13 A ba lefeeleng ha matsatsi a mashome amane a lekoa ke satane. A ne a kopane le liphoofolo tsa naha, mme mamgeloi a mo sereletsa.
\v 14 Morao ha ho tsoaroa ha Johane, Jeso a etela Galelea atiisa efangeli ea Molimo. \v 15 A re, '' Nako e phethiloe, le mmuso oa Molimo o haufi. Sukolohang le amohele efangeli ea Molimo.''
\v 16 Ha Jeso a sepela pulekeng ea leoatle la Galelea, a bona Semeone le Andrease moholo oa Semeone batsoara lihlapi leoatleng, hobane bane ba le batsoari ba lihlapi. \v 17 Jeso are ho bona, '' Ntlong, ntateleng, ke le etsa ba tsoari ba batho.'' \v 18 Kapelanyana ba molatela basiea letlooa metseng.
\v 19 Ha Jeso a se a tsamaile ha sebakanyana, a bona Jakobo mora Zebedea le Johane moholo oa hae; ba le sekepeng ba lokisa letlooa la Lihlaphi. \v 20 A ba betsa mme ba furalla Zebedea ntate oa bona sekepeng le lisebetsi, mme ba molatela.
\v 21 Bafihla Kapernauma, ka le tsatsi la Sabata, Jeso a kena Senagogeng a qala ho baruta. \v 22 Bamakala tsila ea thutiso ea hae, hobane o ne arutisa ka tsebo e botibo bo sa tsoaneng le ba bangoli.
\v 23 Hare ha senagoge monna aneng moea o litsila a hala, \v 24 a re, '' Ke eng re ka etsang ka oena, Jeso oa Nazaretha? U latile ho re timetsa? Ke ea tseha hore u mang. U ea halalelang oa Molimo!'' \v 25 Jeso a khalemela le timona mme a re, '' Fumula mme otsoe ho eena!'' \v 26 Moea o litsila oa molahlela fase mme oa tsoa ho eena olla ka lentsoe le halang.
\v 27 Batho bohle ba makala, ho le joalo ba botsana, '' Ke eng enoa? Thuto encha e matlafetsing! O laea le moea e litsila ea mohlompha!'' \v 28 Litaba ka eena tsa ea hohle hofihla khaolong ea Galelea.
\v 29 A tsoa senagogeng, a kena motseng Semeone le Andrease, bane Jakobo le Johane. \v 30 Joale matsoale oa Semeone o ne a robetsi a kula a tsoaroi ke fevara, mme ba tsebisa Jeso ka eena. \v 31 A fihla, a motsoara ka letsoho, mme a mo emeletsa, fevara ea mo tlohela, a qala ho ba sebeletsa.
\v 32 Bosiu bong ha tsatsi le se le phirimile, ba tlisa bohle ba kulang kapa ba neng matimona. \v 33 Toropo eohle ea khubakana ntle ha monyako. A \v 34 folisa bihle ba kulang mme a leleka matimona a mangata, empa a oa thiba hore a buoe kahobane a ne a mo tsiba.
\v 35 A tsoha matocha, ho le lefifi, a tsoa a ea pulekeng e senang molumo mme a ea rapela. \v 36 Semeone le bohle batsamaeang le ena ba qala ho mmatla. \v 37 Ba mofumana mme ba re ho eena,'' Batho ba ea u batla.''
\v 38 A re,'' a re etelleng ho lingoe li puleke, mong ke tla rerang teng. Ke hona ke tlile mmo.'' \v 39 A tsamaea Galelea eohle, a rera li Senagogeng tsa bona mme a leleka matimona.
\v 40 A nang le bolepera a tla ho eena. a na a mo kopa; a khubama mme a re ho eena,'' Ha o rata, u ka nketsa ka hloeka.'' \v 41 Ka kutloelo bohloko, Jeso a otlolla letsoho la hae a mo tsoara. a re ho eena,'' Ke ea rata. hloeka.'' \v 42 Ka bo nako bo lepera ba mutluhela, mme a hloekisoa.
\v 43 Jeso a ba laea haholo mme a ba roma khakala. \v 44 A re ho eena, '' O se ke oa bua letho ka nna,mme u neele hloekiso ea hao joale ka Moshe a laile, ho be bopaki ho bona.''
\v 45 Empa a tluha mme a qala ho phatlalatsa ka bophara, Jeso a sitoa ho kena ho kena litopropong a hololehile empa a lula lipulekeng tse khakala. Ho le joalo batho ba ne batla ho eena batsoa lipulekeng tse sieaneng.
\c 6 \v 1 A tsoa mong a ea pulekeng mo a tsoaloang teng, le balateli ba hae ba mo latela. \v 2 Ha tsatsi la Sabata le fihla, a ruta Senagogeng. Batho ba bangata ba mo utloa ba makala. Ba re, '' O li fumane kae lithuto tsena?'' 'ke bohlale bo bo joang a bo neiloeng?'' '' Ke mehlolo e joang a e tsang ka matsoho a hae?'' \v 3 '' Ha se mmetli, mora Maria le abuti oa Jakobo le Jose le Jutase le Simoni? Li khaetsali tsa hae ha li eo mmo le rona?'' Ba khopiseha ka Jeso.
\v 4 Jeso a re ho bona, '' Moporofeta o hlompeha, hantle ha pulekeng ea hae, hare ha metsoalle ea hae le ho ba ntlu ea hae.'' \v 5 O ne a se etsi mesebetsi e meholo, a ba bea matsoho ba kulang a ba folisa. \v 6 A makatsoa ke ho hloka tumelo ha bona. A tsamaea li pulekeng tse haufi ho ea ruta.
\v 7 A bitsa balateli ba hae, a ba roma ka ba babeli, a nea matla holimo ha moea e litsila, \v 8 a ba laea hore ba se ke ba nka letho leetong la bona kantle ha lithoka- ha ho borotho, ha ho sekhoama, ha ho chelete liqhameng ts bona - \v 9 empa ba apare lieta, ba se ke ba apara li aparo tse peli.
\v 10 A re ho bona, '' Ha le kena ntlung, lulang mong ho fihlela le tluha. \v 11 Ha ba sa le amohele kapa ho le mamela, tlusang lerule maotong a lona, ha le tluha pulekeng eaong hobe bopaki ho bona.
\v 14 Khosi Herodi a li utloa tsena, hoba lebitso la Jeso le ne la tuma. Bangoe bare, '' Johane Mokolobetsi o tsohile bafung, ke hona a etsa mehlolo.'' \v 15 Bangoe bare, '' Ke Elia.'' Bangoe le bona bare, '' Ke moporofita, joale ka bangoe baporofita ba khale.''
\v 16 Erile Herodi a utloa tsena a re, '' Johane, ke mo khautseng hloho, o se a tsusitsoe. \v 17 ''Herodi a romela lentsoe hore Johane a tsoaleloe teronkong ka baka la Herodiase ( mohatsa Filepi), a neng a monyetsi.
\v 18 Hobane Johane a ne a boletsi Herodi a re, '' Ha ho molaong hore u nyale mohatsa moholo oa hao.'' \v 19 Herodiase a khopiseha ka eena hape a batla ho mo bolaea, empa a sitoa, \v 20 hobane Herodi a ne a tsaba Johane; o ne a tsiba hore ke monna ea lokileng, ea halalelang, kahong a mo boloka hantle. Ho mo mamela ha mo makatsa haholo, le ha a mo otloile hantle,
\v 21 Ha fihla sebaka sa hore Herodi a etse mokete oa ho thabela tsatsi la hae la ho tsoaloa kahong a etsa lijo tsa ba kabelo ea mmuso oa hae le ba laoli le ba eteleli ba Galelea. \v 22 Morali oa Herodiase a tla ho ba binela, a thabisa Herodi le baneng baja le eena. Khosi ea re ho mosetsana, '' Kopa e ka ba ke eng mme ke tla u neela.''
\v 23 A e kana ho ena a re, '' E ka ba ke eng o e kopang, ke tla u neela, e ka ba halofo ea mmuso oaka.'' \v 24 A ea ho mmae a re ho eena, '' ke ka kupa eng?'' A re, '' hloho ea Johane Mokolobetsi.'' \v 25 A boela khoseng ka potlako a re, '' Ke batla hloho ea Johjane Mokolobetsi ha na joale tilong.''
\v 26 Khosi ea otloa bohloko haholo, e ne e se ke ea hana kopo ea hae ka hobane o ne a e kanne le ka baka la baneng a ja le bona. \v 27 Ho le joalo khosi ea roma lesole le neng le moletile hore le tle le hloho ea Johane. Lesole la ea ho khaula hloho ea Johane teronkong. \v 28 A tla le hloho ea hae tilong a e nea mosetsana, mosetsana a ea ho e nea mmae. \v 29 Ha balateli ba Jeso ba otloa tsena, ba tla ho nka mmele ho ea ho boloka lebitleng.
\v 30 Baapostola batla ho Jeso ho mo bolela tsohle ba li entseng le tse ba lirutileng. \v 31 A re ho bona, '' E eang pulekeng e se nang batho le e khutse hanyenyane.'' Hobane batho ba bangata ba ne batla batluha, ba hloka le sona sebaka sa hoja. \v 32 Ba tluha ka sekepe ba ea pulekeng e senang batho.
\v 33 Batho ba ba bona batluha, ba titima ka maoto ba tsoa litoropong tsohle tse sieaneng, ba ea ba fihlela pele. \v 34 Ha ba fihla, ba bona bongata ba batho a ba otloela bohloko hobane ba ne ba le ja ka linku tse senang molisa. A qala ho baruta tse ngata.
\v 35 Erile ha nako e tsamaile, balateli ba hae ba tla ho eena bare, '' Puleke ena e hole le nako e tsamaile. \v 36 Ere batho ba tsamaee ho ea e patlela lijo lipulekeng tse haufi.''
\v 37 Empa a ba araba mme a re ho bona, '' Ba neeng lijo baje.'' Bare ho eena, '' Re ka ea ho ea barekela borotho ba chelete ea makholo a mabeli baje nnang?'' \v 38 Are ho bona, '' Le na le borotho bo kaakang? E eang le o bona.'' Ba se ba fumane, ba re, '' Re na le borotho bo bohlanu le lihlaphi tse peli.''
\v 39 A re batho bohle ba lule fase ka lihlopha holimo ha bojang bo botala. \v 40 Ba lula ka lehlopha tsa batho ba lekholo le mashome a mahlanu. \v 41 A nka borotho bo bohlanu le lihlaphi tse peli, a lebelela leholimong a hlonolofatsa a roba borotho a nea balateli hore ba nee batho. A ba khobela hape lihlapi tse peli.
\v 42 Baja bohle ba khura. \v 43 Ba nka borotho bo setseng ba tlala limanki tse shome le metso e mmeli, le lihlaphi tse setseng. \v 44 Ho ne ho le banna ba le likiti tse hlanu bajileng borotho bona.
\v 45 Ka bonako a re balateli ba hae ba kene sekepeng ba tsamaee pele ha hae, ba ee Bethesaida, eena a bolela batho hore ba tsamaee. \v 46 A khauhana le bona, a ea thabeng ho ea rapela. \v 47 Tapama, sekepe se setsi se le hare ha leoatle, eena o ne a setsi a le nose ntle ha leoatle.
\v 48 A bona hore ba loantsana le sefefo sa moea. Hare ha bosiu a tla ho bona, a tsamaea leoatleng, a batla ho ba fita. \v 49 Erile ha ba mmona a tsamaea leoatleng, ba nahana hore ke sepoko mme balla haholo. \v 50 kahobane barile ho mmona ba khathatseha. A bua le bona a re, '' E mang sebiti! Ke nna! Le se ke la tsoha!''
\v 51 A kena sekepeng le bona, sefefo sa thula. Ba makala haholo. \v 52 Ba ne ba siea otloisisa hore lelofo tsa borotho li ra horeng. Empa lipelo tsa bona tsa thatafala.
\v 53 Barile ho tsilela, naheng ea Ganasareta ba emisa sekepe. \v 54 Barile batsoa sekepeng, batho ba mohlokomela, \v 55 ba titima ba tsoa pulekeng tse sieaneng batla le bakulang ba ea hotle mo ba otloang a le teng.
\v 56 Ne e re ha kena metseng, litoropong, le mafatseng, batho batlisa bakulang. Ba isa bakulang litolong. Ba mo kopa hore a ba lumelele batsoare mophetho oa seaparo sa hae, ea re ba bangata ba e tsoereng ba folisoa.
\c 8 \v 1 Mehleng oong, hona ho ene batho ba bangata, mme ne ba sena lijo. Jeso a betsa ba lateli ba hae mme a re ho bona, '' \v 2 Ke na le kutloelo bohloko ka bongata kahobane ba ntse ba na le nna ha matsatsi a mararo mme ha bana se ba ka sejang. \v 3 Ha ke ka ba romela metsing ea bona ba se ea ja, ba ka e libala tseleng. Bangoe ba tsoa khakala. \v 4 Balateli ba hae ba araba ba re,'' Re ka fumana kae borotho bo ka ba lekanang pulekeng ena e khakala.''
\v 5 A ba butsa, '' Le na le borotho bo kaakang?'' Ba re, '' Bo bosupa.'' \v 6 A laea batho ba bangata hore ba lule fase. A nka borotho bo bosupa, a leboha, mme a bo roba. A bo nea balateli ba hae hore ba bo nee batho, mme ba bo bea pele ha batho ba bangata.
\v 7 Ba ne ba na le lihlaphi tse nyenyane ka palo, mme morao ha ho li rapelela, a laea balateli ba hae hore ba li nee batho le tsona. \v 8 Baja mme ba lekana, mme ha ba nka masalela, ha tlala limanki tse likholo tse supa. \v 9 E ne e le batho ba ka fihlang sekiti. A bo a ba romela morao. \v 10 Ka ho phakiso a kena sekepeng le balateli ba hae, mme ba ea khaolong ea Dalmanutha.
\v 11 BaFarise batla mme baqala ho ngangisana le eena. Ba batla ho eena lipontso litsoang leholimong, ho mo leka. \v 12 A bea moea oa hae mme a re, '' Ke eng leloko lena le kopa pontso? Ka nnete ke re ho lona. A hona pontso e tla neoang leloko lena.'' \v 13 A bo a ba tluhela, a kena sekepeng, mme ea ho lengoe le hlakore.
\v 14 Hona joale balateli ba ne balebetsi ho nka borotho. Ba ne ba e ne borotho bongoe fela sekepeng. \v 15 A balaea, a re, '' Iponeleng mme le tsabe litomoso tsa bafarisi le litomosa tsa Herodi.''
\v 16 Balateli ba buisana, '' Ke ka baka la hore a rena borotho.'' \v 17 Jeso a se a lemohile tsena, mme a re ho bona, '' Ke eng le nahana ka ho hlokahala ha borotho? Ha le eso ho bona? Ha le utloisisi? Pelo tsa lona li omeletsi?
\v 18 Le na le mahlo, ha le boni? Le na le litsebe, ha le utloi? Ha le hopole? \v 19 Ka le tsatsi ke roba lelofo tsa borotho tse hlanu ho nea batho ba likiti tse hlanu, le hotholetsi limanki tsa masalela tse kae?'' Ba re ho eena, ''' Leshome le metso e mebeli.''
\v 20 '''Ka letsatsi ke roba lelofo tsa borotho tse supa ho nea batho likiti tse nne, le hotholetsi limanki tsa masalela tse kae?'' Ba re ho eena, '' tse bosupa'' \v 21 A re,'' Le ntse ha le utloisisi.''
\v 22 Ba fihla Bethsaida. Batho ba mong ba mo tlisetsa monna ea sefofu mme ba mo kopa hore a mo tsoare. \v 23 Jeso a tsoara sefofu ka letsoho, mme a ea le sona ntle ha motse. Ha a se a mo khoetsi mare mme a mo bea matsoho, a mo butsa, '' Se teng o se bonang?''
\v 24 A talima holimo, mme a re,'' Ke bona banna ba tsoanang lifate tse tsamaeang.'' \v 25 A boela a bea matsoho a hae mahlong a sefofu, khanya ea boleha, mme a bona ntho tsohle hantle. \v 26 Jeso a re a tluhe a ea ha habo mme a re, '' U se ke oa kena toropong.''
\v 27 Jeso le balateli ba hae ba ea Sesarea oa Filipe. Tseleng a botsa balateli ba hae, ''Batho bare kenna mang?'' \v 28 Ba mo araba ba re, '' Johane Mokolobetsi. Bangoe bare,' Elia', mme bangoe, '' Mongoe oa baporofita.''
\v 31 A qala ho baruta hore Mora Motho o tla o tloa bohloko, mme o tla lahloa ke baholo le baprista ba baholo le bangoli, mme o tla bolaoa, mme o tla tsoha morao ha matsatsi a mararo. \v 32 A bolela ka mo ho utloahalang. Ho le joalo Petrose a ea le eena lethoko mme a qala ho mo khalimela.
\v 33 Empa Jeso a khutlela mme a lebelela balateli ba hae mme a khalemela Petrose a re, '' E tsoa honna, Satan! Ho ba oena menahano ea hao a e eo ho Molimo, empa ho ntho tsa batho.'' \v 34 A bitsa batho ba bangata le balateli ba hae hammoho, mme a re ho bona, '' Ha motho a batla ho ntatela, o tsoaneloa ho e tela, anka sefapano, mme a ntatela.
\v 35 Mang le mang a ratang ho boloka bophilo ba hae bo tla molahlehela, mme ea lahleheloang ke bophilo ba hae ka baka laka kapa la efangeli o tla bo boloka. \v 36 Ho thusa eng hobane motho a ruoe lefatse lohle mme a lahleheloe ke bophilo ba hae? \v 37 Ke eng motho a ka e neang ho reka bophilo ba hae?
\v 38 Eong a bang masoabi kanna le mantsoe aka lelokong lena la bofebe le libi, Mora Motho u tla ba masoabi ka eena mohleng a tlang ka khanya ea Ntatae le mangeloi a halalelang.
\c 9 \v 1 A re bona, '' Ka nnete ke re lona, ho na le bangoe ba lona ba emeng mona ba ka se keng ba shoa pele ha ho bona Mmuso oa Molimo o tla le matla.'' \v 2 Morao ha matsatsi a ma tsilela, Jeso a a tsamaea le Petrose le Jakobo le Johane holimo ha thaba. A fetoha sebopeho sa hae pele ha bona. \v 3 Li aparo tsa hae tsa khanya ka matla, tsa ba soeu ho fita, bo soeu bo fitang se ka li soeufatsang le fatseng.
\v 4 Elia le Moshe ba bonahala ho bona, mme ne ba bua le Jeso. \v 5 Petrose a araba mme a re ho Jeso, '' Rabbi, ho molemo hore re be mona, mme re lumelele re entse lintlu tse tharo, ea hao, ea Moshe, le ea Elia. \v 6 ( Hobane o ne a se tsebi se a ka se buoang, ka hore ne ba tsohile.)
\v 7 Ha fihla leru la ba apesa. Ha tsoa lentsoe lerung, " Enoa ke mora oaka ea ratehang. Le mo mamele.'' \v 8 Ka ho phakisa, barile ha ba talima, ha ba ea bona motho, empa Jeso fela.
\v 9 Erile ha ba theoha thabeng, a ba laea hore ba se ke ba bulela motho tse ba li boneng hofihlela ha Mora Motho a se a tsohile bafung. \v 10 Kahong ba e fumula taba eong, empa ba buisana ba le nose hore '' ho tsoha bafung'' ho ra horeng.
\v 11 Ba mo butsa, '' Ke eng bangoli bare Elia o tsoanetsi ho tla pele?'' \v 12 A re ho bona, '' Elia o tla tla pele ho lokisa tsohle. Ke eng ho ngoliloe hore Mora Motho o tla o tloa bohloko ho tse ngata mme a nyefoloa? \v 13 Empa ke re ho lona Elia o tlile, mme ba etsa tsohle tse ba neng ba batla ho li etsa ho eena, joalo ka ho ngoliloe ka eena.''
\v 14 Ha ba fihla ho balateli ba hae, ba bona batho ba bangata ho eena, le bangoli ba ngangisana le eena. \v 15 Erile ha ba bona Jeso, batho ba bangata ba makala mme ba titima ho ea mo lumelisa. \v 16 A botsa ba lateli ba hae, " Le ngangisana ka eng le bona.''
\v 17 Mongoe hare ha batho ba bangata a mo araba, '' Moruti, ke tlisitse mora oaka ho oena. O na le moea o mo etsang a sitoe ho bua. \v 18 Oa mo tsoara mme oa mo lahla fase, mme a tsoa maphuko molomong, a luma mano, mme a oma. Ke kupile balateli ba hao hore ba o leleke, empa ba sitoa.'' \v 19 A ba araba, '' Le loko le senang tumelo, ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le tiiseletsa ho fihlela neng? Mo tliseng ho nna.''
\v 20 Ba mo tlisetsa moshemane ona. Ha moea o bona Jeso, moea oa phakisa oa molahla fase ka matla a maholo. Moshemane a oa fase mme a tsoa maphuko molomong. \v 21 Jeso a butsa ntate oa hae, '' ke ha nako e kaakang a le joalo?'' Ntate oa hae a re, '' Ho tlohela bongoaneng. \v 22 Eile ea mo lahla mollong kapa metsing hangata mme oa leka ho mmolaea. Ha o khona ho etsa sengoe, re hauhele mme o re thuse.''
\v 23 Jeso a re ho bona, "' Ha ke khona'? Tsohle li ka etsahala ho ba kholoang.'' \v 24 Ka nako eong, ntate oa ngoana alla haholo a re, '' Ke ea kholoa! thusa ho se kholoe haka!'' \v 25 Ha Jeso a bona batho ba bangata ba titimela ho bona, a leleka moea o litsila, Oena moea o sa buoing le tsebe tutu, ke ea ho laela, etsoa ho ena, mme o se ke oa kena ho eena hape.''
\v 26 Oa lla haholo mme oa mosisinya moshemane haholo mme oa tsoa ho eena. Moshemane a bonahala joale ka motho a neng a shoile, ba bangata bare, '' O shoile.'' \v 27 Empa Jeso a motsoara ka letsoho mme a mo emeletsa , mme moshemane a emelela.
\v 28 Ha Jeso a fihla ntlung, balateli ba hae ba mmotsa sephiring, '' Ke eng re sitoile ho leleka moea o litsila?'' \v 29 A re ho bona, '' Moea oa mofuta ona o lelekoa fela ka thapelo."
\v 30 Ba ile ba tsoa mong mme ba fita Galelea. A ne sa rata hore batho ba tsibe mong ba leng teng, '' \v 31 hobane o ne a ruta balateli ba hae. A re ho bona, '' Mora motho o tla neoa matsohong a batho, mme o tla bolaoa. Ha se a bulailoe, morao ha matsatsi a mararo o tla tsoha hape.'' \v 32 Empa ba se ke ba utloisisa taba ena, empa ba tsaba ho butsa.
\v 33 Ba fihla Kapernaume. Ha se a kene ntlung a ba butsa, '' Ne le buoa ka eng tseleng?'' \v 34 Empa ba fumula. Ka hobane ba ne ba ngangisana tseleng ka hore ke mang ea tla bang moholo ho bona. \v 35 A lula fase, a bitsa balateli ba hae bohle mme a re ho bona, '' Ha emong a batla ho ba oa pele, o tsoanetsi ho ba oa mafello ho bohle le sebereki sa bohle.''
\v 36 A nka ngoana mme a mo bea hare ha bona. A mo nka matsohong a hae mme a re ho bona, \v 37 ''Mang le mang a amohelang ngoana o joale ka lebitso laka o amohela nna; mang le mang a amohelang nna ha a mohele nna empa ea nthumileng.''
\v 38 Johane a re ho eena, '' Moruti, re bone mongoe a leleka matimona ka lebitso la hao mme ra mo emisa, kahobane ha re latele." \v 39 Empa Jeso a re, ''Le se ka la mo emisa, a ho motho a ka etsa mesebetsi e meholo ka lebitso laka mme ka moraho ha mong a bua tse mpi ka nna.
\v 40 Mang le mang a otloisisanang le rona ke oa rona. \v 41 Mang le mang a o neang kopi ea metsi ho re o noe ka lebitso laka ka hobane o oa Kreste, ka nnete ke re ho lona, a ka ke a lahleheloa ke moputso oa hae.
\v 42 Mang le mang a etsang ba ba banyenyane ba kholoang honna ba lahlehe, ho ka ba hantle hore mjoe a maholo a bofelloe thamong ea hae a lahleloe leoatleng. \v 43 Ha le tsoho la hao le etsa hore o lahlehe, le khaule. Ho ntle hore o kene bophilong o holofetse ho na le hoba le matsoho a mabeli mme oa ea liheleng, mollong o sa teming. \v 44 .
\v 45 Ha leoto la hao le o etsa oa lahleha, le khaule. Ho ntle hore o kene bophilong o sa tsamae hantle hona le hoba le maoto a mabeli mme oa lahleloa liheleng. \v 46 .
\v 47 Ha leihlo la hao le o etsa oa lahleha, le ntse. Hontle ho kena mmusong oa Molimo ka leihlo le le ngoe hona le hoba le mahlo a mabeli mme oa lahleloa liheleng, \v 48 mmong sefoko sa bona se sa shoing, mme le mollo o sa temeng.
\v 49 Hobane mongoe le mongoe o tla baboloa ka mollo. \v 50 Letsoai le molemo, empa ha letsoai le lahleheloa ke botsoai ba lona, o ka le etsang joang hore le tsoae hape?
\c 11 \v 1 Ha ba kena Jerusalema, ba ne ba le haufi le Bathpage le Bethane thabeng ea Mehloare, mme Jeso a roma balateli ba hae ba babeli \v 2 mme a re ho bona, '' E ea motseng o ka thoko. Ha le kena, le tla fumana esele e nyenyane e so ho nameloa. Le e bofolole mme le tle le eona ho nna, \v 3 Ha mongoe a kare ho lona,' Ke eng le etsa sena?' le re,' Morena ea e batla mme o tla e khutlisa ka bonako.''
\v 4 Ba ne batsamaea mme ba fumana esele enyenyane e bofeletsoe ka monyakong kantle setarateng, ba e bofolola. \v 5 Bangoe batho ba ne ba eme mong mme bare ho bona,'' Le etsang, le bofolola esele enyenyane?'' \v 6 Ba buoa le bona ka ha Jeso a ba laetsi, mme batho ba batluhela ba tsamaea.
\v 7 Ba isa esele enyenyane ho Jeso mme ba e apesa libaki tsa bona, mme a lula holimo. \v 8 Batho ba bangata ba oala li aparo tsa bona tseleng, mme bangoe ba oala likala tsa lifate ba li khautseng masemong. \v 9 Ba tsamaileng pele ha hae le ba morao ba mo hueletsa, '' Hosanna! Ea hlonolofalitseng a tlang ka lebitso la Morena. \v 10 Ho le hlohonolo mmuso otlang oa ntate oa rona Davida! Hosana maholimong!''
\v 11 Jeso a kena Jerusalema mme a ea tempeleng mme a lebelela hohle. Joale nako e tsamaile, a ea Bethane le balateli ba hae. \v 12 Ka tsatsi le latelang ha ba tsoa Bethane, o ne a tsoeroi ke tlala.
\v 13 A bona sehlare sa fiega se le khakala se na lematlare, a ea ho ea leba hore a ka fumana lithoala nna,mme ha fihla ho sona, a fumana matlare fela, hobane e ne e se nako ea litholoana sa fiega. \v 14 A bua le sona, '' A ho motho ea tla jang litholoana tsa hao hape.'' Le balateli ba hae ba mo otloa.
\v 15 Ha a fihla Jerusalema, mme a kena tempeleng hape a qala ho leleka barekisi le bareki tempeleng. A oisa litafule tsa ba chenchi ba chelete le litulo tsa ba neng ba rekisa maeba. \v 16 Ha ea lumelela motho ho nka letho lerekisoang mo tempeleng.
\v 17 A ba rute a re, Ha ho ea ngoloa, ' Ntlu eaka e tla bitsoa ntlu ea thapelo ea lichaba tsohle.'? Empa li e entse ntlu ea ba tsietsi. \v 18 Baprista ba baholo le bangoli ba otloa tse a li buileng, mme ba batla tsela ea ho mo bulaea. Ba ne ba mo tsaba kahobane batho ba bangata ba ne ba makalitsoe ke lithuto tsa hae. \v 19 Ka tapama, a tsoa toropong.
\v 20 Ha ba fita ka phakela, ba bona fiega e omile ho fihlela miling. \v 21 Petrose a hopola mme a re, '' Rabbi, lebelela! Sehlare sa fiega o se rohakeleng se omile."
\v 22 Jeso a ba araba are, '' E bang le tumelo ho Molimo. \v 23 Ka nnete ke re ho lona ha motho a kare thabeng, 'Emelela mme o oele leoatleng,' ha a sa belaele pelong ea hae empa a kholoa hore se a se buoang se tla etsahala, ke se Molimo a se etsang.
\v 24 Joale ke re ho lona: Tsohle tse le lirapelelang le tse le likopang, kholoang hore le lifumane, mme li tla ba tsa lona. \v 25 Ha le ema mme le rapela, le tsoanetsi ho tsoarela mang le mang ea lekhopisitseng, hore Ntate oa lona ea le holimong a tle a le tsoarele libe. \v 26 .
\v 27 Ba kena Jerusalema hape. Erile ha Jeso atsamaes tempeleng, baprista ba baholo, bangoli, le baholo batla ho eena. \v 28 Ba re ho eena, '' Lintho tsena tse ngata o li etsa ka matla afe, hape ke mang a o neileng matla a o li etsa?''
\v 29 Jeso a re ho bona, '' Ke tla le botsa putso engoe. Njoetseng mme ke tla le bulela hore ntho tysena ke li etsa ka matla afe. \v 30 Kolobetso ea Johane, e tsoile leholimong kapa bathong? Nkarabeng.''
\v 31 Ba buisana mme bangangisana mme ba re, '' Ha re kare,' Etsoa leholimong,' o tlare, ' Ke eng le sa mo kholoe?' \v 32 Empa re kare, ' Etsoa mothong,'... .'' Ba ne ba tsaba batho, hobane motho eohle a ne a tseba hore Johane ke moporofita. \v 33 Ho le joalo ba fetola ba re, '' A re tsibi.'' Jeso a re ho bona,'' Lenna a ke ka se le bolele hore tsena ke li etsa ka matla afe."
\c 12 \v 1 Joale Jeso a qala ho ba ruta ka litsoantso. A re,'' Monna a joala tsemong ea veine a e baeletsa a epa moleti o ntsa veine. A aha ntlu ea ho bona tsimo ena a e rakisa balemi ba veine. Empa a tsamaea leeto. \v 2 Ka nako e moloketseng a roma sebereki sa hae ho ba lemi ba veine hore se ee nka litholoana tsa veine tsimong. \v 3 Empa ba mo tsoara, ba mo otla, mme ba mo leleka a sena letho.
\v 4 Hape a roma sengoe sebereki sa hae, le sona ba se ho bafatsa hlohong ba se tsoara hampi. \v 5 A roma sengoe sebereki, mme sena ba se bulaea. Libereki tsena tsa tsoaroa ka tsela e tsoanang, lingoe tsa otloa mme lingoe tsa bulaoa.
Some files were not shown because too many files have changed in this diff
Show More